Ke boela ke lumelisa metsoalle! Ke bona eka ke hatile a wrong - TopicsExpress



          

Ke boela ke lumelisa metsoalle! Ke bona eka ke hatile a wrong button ha ke re ke le postela molaetsa oa letsatsi! Ke kopa tsoarelo! Hape ke kopa tsoarelo hore ebe ke qetile beke kaofela ke sa le pepetle kamoo ba bang ba bolelang kateng. Ereng ke le pepetle hee! Ka Sontaha re ne re le Lebatooeng la Matlakeng le Moetapele oa ka, Ntate Pakalitha. Ma-LCD a 40 a ile a tselela ka ho DC. Hoa tsela le ma-ABC a 15, le ba 24, ba ipoletseng bona ba qala ho kena makhotla a lipolotiki. A le mong ea ileng a inehela ho DC ke le-BNP. Bekeng ena letsolo la rona - le qalileng ka May, 2013 - la ho chakela mabatooeng a re hlotseng likhethong tsa 2012, lea fela. Team A e tla be e qetela TY, ha Team B e tla be e qetela mona Lebatooeng la Thetsane. Ho haufi; bo Tomase ba ka itlela, ba tla bona hore na ho tla tsela ba bakae, ba tsoang makhotleng afe, le tlohele ho nchanotsa mehlaena! Na ha ke tsebe ho na le ba tlang ho tsela, feela tlohong, bo-Tomase, le tlo imamella, le ho ichebela ka a lona mahlo! Ke le kopela tsatsi le monate kaofela!
Posted on: Wed, 27 Nov 2013 07:14:24 +0000

Trending Topics



Recently Viewed Topics




© 2015