("#NUL_Confession_824")....Ne re le DTF ka bo 11 bosiu ntse re - TopicsExpress



          

("#NUL_Confession_824")....Ne re le DTF ka bo 11 bosiu ntse re discussa sometime last acca! Ne re le cheri tse tharo! Ka be se ke re kea toilet! Ka thola hona le batho jwale ke presseile haholo. Ka tswa le ka monyako wane o ka holimo moo ho kenang batho ba li-wheel chair! Ka ea kamora bursar pela lifatenyana mono. Ho no le light marr ka itshireletsa ka lifate! Ka etsa number 2 ntse ke hetla leho qamaka hangata! Ka utlwa mantswe a batho e kang ba ntse ba tla ba hlaha siteng ea ISAS! Ka ntsha t. paper ka iphumola ka ema ka tsamaea. Ka ea ka moo re ne re discussetsa ka teng! Khanthe masecurity ano a nsetse morao and a tswaile top e neng ke e apare! Ba bula monyako wa dtf ebile ke satswa lula fatshe! Ba re: "Ausi, u sheba mang, wena u qetang ho fihla, tloho!" Ka ea ke kobile hlooho. Ra tsamaea le bona ba nkisa mane moo ke neng ke etselitse mosebetsi teng! Yaba e mong o ntsare: "Re reng jwale ausi, ke hore ha batho ba tlameha ho ithuta ho lona barutehi lona le etsa ntho tse tjee, ke ngwana mang eo u lebeletseng a tlo phutha boemo boo ba hao? Wa swabisa khaitseli, kannete wa swabisa, ke balisana batho ba ka etsang tjena!" Eaba ke kobile hlooho ha ke tsebe na ke reng! Ka re: "Ke kopa tswarelo bo-ntate, ke kopa ho batla mabokose ke a phuthe!" Eaba ba re: "Tsamaea u eo baala, feela ebe u qetetse, le hahetswe matlwana a matle a boemo ba lona ho qoba taba tse kang tsena! Ebe u qetetse!" Ka tsamaea ke swabile! U tsebe kenna a buwang haholo discussioneng marr tsatsing leno haesale ke kobile hlooho ke ho swaba! This acca ha re fotse line ha bursar bakeng sa stempe, ne ke tshaba leho etsa mofere-fere lineng hobane security lane la ho ntswara e ne le lona le neng le le moo!
Posted on: Wed, 18 Sep 2013 05:19:37 +0000

Trending Topics



Recently Viewed Topics




© 2015